GEMS e entswe ka ho o nahanela. Re morero wa thuso ya tsa bongaka o moholo ka ho fetisisa o kgethang ditho o hlokometseng ka ho kgetheha ditlhoko tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle tsa basebetsi ba Tshebeletso ya Mmuso.
Reikitlaeletsaho fana ho e mong le e mong wa ditho tsa rona le malapa a bona ka phihlello ho ditsiane tse kgonehang ka ditjeho mme tse feletseng ka letoto la dikgetho tse 5 la ditsiane. Haesale ho tloha ha setho sa pele se ne se kenela GEMS ka 2006, re bile le kgolo e so kang e bonwa haesale mme ha re a siya letho le sa lekolwang hore re be morero wa thuso ya bongaka o tswileng matsoho, o sebetsang ka katleho mme o fana ka ditefiso tse kgonehang bakeng sa basebetsi ba Tshebeletso ya Mmuso.
Ho GEMS re utlwisisa ditshebetso tsa indasteri e dulang e fetoha ya tlhokomelo ya bophelo, ka hona, e le karolo ya maitemohelo a rona re amohela diphephetso tse ntjha tse boima tse hlahang, ho etsa bonnete ba hore setho se seng le se seng
Ke mang ya ka kenelang?
Lefapheng la Naha le boletsweng Tlhophong ya 1 ya Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba;
Lefapheng la Profensi e boletsweng Tlhophong ya 2 ya Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba;
Tsamaiso ya Profensi e boletsweng Tlhophong ya 2 ya Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba; Makalaneng a dikhampani tse boletsweng Tlhophong ya 3 ya Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba; kapa
Mohiri ofe kapa ofe ya dumeletsweng ke Morero.
Ka bomadimabe o ke ke wa kenela GEMS haeba o hirilwe ke:
Lebotho la Afrika Borwa la Naha la Tshireletso;
Lekala la tsa Bohlwela la Naha;
Tshebeletso ya Sephiring ya Afrika Borwa; kapa
GEMS e fana ka ditsiane tse kgonehang ho bohle!
Batho bohle ba ka kgona ho kenela GEMS, hobane tjhelete eo o e lefang ho Morero e ipapisitse le hore o amohela moputso o mokae. Sena se bolela hore o tla lefa hanyane bakeng sa kgetho ya ditsiane tse lekanang le tsa motho ya amohelang ho o feta. Hore na o lefa bokae hape ho ipapisitse le hore na saese ya lelapa la hao e kae le hore ke efe ya dikgetho tse hlano tsa rona eo o e kgethang.
Morero o tsotellang e le ka nnete le ho tsepamisetsa maikutlo ditlhoko tsa hao - re mamela ha ditho di bua!
Ditsiane tsa tlhokomelo ya bophelo tse tswileng matsoho ka dikgahla tsa tefiso tse kgonehang.
Tshebeletso e Phethahetseng ya Sephiring - tlhahisoleseding ya hao e bolokwa sephiring ka ho phethahala kamehla - le mohiri wa hao a ke ke a e fuwa.
Tefo ya ditleleime ya kapele ka katleho matsatsing a mang le a mang a 14.
Setsi sa Mehala se o thusang ka lefe kapa lefe la maleme ohle a semolao a Afrika Borwa.
Tshebeletso ya bareki e nang le setswalle mme e atlehileng Setsing sa Mehala le diofisng tsa tikoloho tsa rona.
Phihlello ho tlhokomelo ya tsa bongaka e pharaletseng le ditsi tsa poraefete.
Lenaneo la Taolo ya Lefu ho laola kalafo le ditjeho tsa mafu a sa foleng.;
Mofani wa tshebeletso ya kgethilweng ya tla netefatsa hore o amohela meriana ya hao ya nako yohle kgwedi le kgwedi
Lenaneo la Taolo ya Lefu la HIV/Aids se o fang tlhokomelo ya sephiring ha o e hloka ka ho fetisisa;
Tshebeletso ya dihora tse 24 e akaretsang karolo e kgolo ya Afrika Borwa.
Ditshebele tsa tlhokomelo ya bophelo tse nang le boinahanelo le mananeo a jwalo ka Lenaneo la Ho Pepa, Matsatsi a Boitekanelo le Tlhahlobo moo o sebetsang, le tse ding tse ngata letotong la ditshebeletso le tswelang ho hola ka nako yohle. Re batla ho o nolofaletsa hore o dule o phetse hantle.
Ha o kenela GEMS, o karolo ya morero wa thuso ya tsa bongaka o matla o holang kapele palong ya ditho.
Ho ba setho, latela mehato ena e bonolo feela
Bohato ba 1: Fumana foromo ya kopo - e ka ba ka ho loutolla webosaeteng (www.gems.gov.za), kapa ka ho letsetsa Setsi sa mehala ho 0860 00 4367, kapa wa bua le lefapha la heno la Tshwaro ya Basebetsi (HR);
Bohato ba 2: Tlatsa foromo - etsa bonnete ba hore o tlatsitse dikarolo tsohle ka botlalo mme o fane ka ditokomane tsa tlatsetso tse kopilweng (sheba: Ke ditokomane dife tseo o di hlokang ho tsamaya le kopo ya hao? ka tlase mona);
Bohato ba 3: Re romele foromo e tlatsitsweng le ditokomane ka Fekse, Poso kapa Imeile.
Ke ditokomane dife tseo o di hlokang ho tsamaya le kopo ya hao?
Haeba o batla ho kenela GEMS, o tla hloka ho fana ka dikhopi tse tiisitsweng ka molao tsa ditokomane tse itseng, jwalo ka ditokomane tsa boitsebiso, tsa hao le ditho tsa lelapa la hao, mmoho le foromo ya kopo ya hao. Eya webosaeteng ya rona ho www.gems.gov.za bakeng sa lenane le feletseng la ditokomane tseo o tla hloka ho di romela, kapa letsetsa Setsi sa Mehala sa rona ho 0860 00 4367. Ho bohlokwa ho lemoha hore haeba o sa kenyeletse ditokomane tsohle tseo re di hlokang, GEMS e ke k e ya kgona ho sebetsa kopo ya hao mme ho tla ba le tiehiso ho fihlela ditokomane tsohle tse hlokehang di amohetswe.
Ditefello tsa kgwedi le kgwedi tsa GEMS ka 2010
Jwalo ka kamehla, GEMS e tsitlallela ho o tlisetsa ditsiane tse ntle ka ho fetisisa tse ka kgonehang tsa bophelo bo botle tse loketseng pokotho ya hao. Bakeng sa sena, re tla boloka keketseho ya ditefello tsa hao tsa kgwedi le kgwedi ho latela infoleishene ya tsa bongaka. Ho o fa dikgetho tse eketsehileng ke sohle seo boikitlaetso ba rona bo lena mabapi le sona. Ho na le kgetho ya dihlapiso e loketseng ka ho phethahala ditlhoko tsa tlhokomelo ya bophelo tsa lelapa la hao le pokotho ya hao!
Tsena ke kakaretso ya ditlatsetso tsa kgwedi le kgwedi mme ha di bontshe tlatseletso ya mohiri (sabsidi). Moo mosebetsi a tshwanelehang ho amohela sabsidi, mohiri o tla lefa karolo ya tlatsetso ena mme mosebetsi o tla lefa tjhelete e saletseng. Sabsidi e ka hodimodimo e ipapisitse le saese ya lelapa mme e na le moedi wa 75% ya ditefello tsa hao tsa kgwedi le kgwedi, ka moedi wa R2 570.
Mokgahlelo wa Moputso Setho Motho e moholo Ngwana
Mokgahlelo wa Moputso Setho Motho e moholo Ngwana
Mokgahlelo wa Moputso Setho Motho e moholo Ngwana
Mokgahlelo wa Moputso Setho Motho e moholo Ngwana
Romela SMS ho 083 450 4367 o bolela nomoro ya Persal ya hao, mme re tla o letsetsa.
Letsetsa Setsi sa Mehala ho 0860 00 4367.
